PAMPIRI YA 1 (P1)
KEREITE YA 12
DITAELO HO MOHLAHLOBUWA
Pampiri ena e arotswe dikarolo tse tharo, e leng:
KAROLO YA A: Tekokutlwisiso 
KAROLO YA B: Kgutsufatso 
KAROLO YA C: Thutapuo le tshebediso ya puo 
Bala ditaelo TSOHLE ka hloko.
Araba dipotso TSOHLE.
Qala karolo e nngwe le e nngwe leqepheng le letjha.
Seha mola qetellong ya karolo e nngwe le e nngwe.
Nomora dikarabo tsa hao jwalo feela ka ha dipotso di nomorilwe pampiring ya dipotso.
Tlola mola dipakeng tsa dikarabo tsa hao.
Ngola ka mongolo o makgethe mme o balehang.
Tsepamisa maikutlo haholo mopeletong le popong ya dipolelo tse nepahetseng.
Dipotso tsohle di arajwe ka Sesotho.
KAROLO YA A: TEKOKUTLWISISO
POTSO YA 1
Potsong ena o nehilwe mefuta e mmedi ya ditema. Bala tema e nngwe le e nngwe ka hloko o nto araba dipotso tsohle tse hlahang tlasa yona.
TEMA YA 1
Bala tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang.
Ka la 25 Motsheanong 1995, Dispringbok kapa 'Amabokoboko' ka moo balatedi ba ratang ho thoholetsa ka teng, di ne di lokela ho fatelana makwatsi le bompodi ba lefatshe Australia mane Cape Town. Papadi eo e ne e le e tla lelekela dipapadi tsohle tsa mantshano mohopeng oo wa lefatshe. Letsatsi pele ho papadi eo, sehlopha se ne se ile sa kgobokana Silvermine, kampong ya kgale ya masole ka hara serapa sa diphoofolo se alehileng hara dithaba hlohleng ya Kapa (Cape Peninsula). Mona Amabokoboko a ne a hlomme kampo ya nakwana ya boikwetliso.
Silvermine ke e nngwe ya dibaka tse ntlentle, tse kgahlang mahlo mona Afrika Borwa. Ha motho a lahlela mahlo ka nqa ya Botjhabela, o bona hlohla ena ya Kapa e le tshesane sa theka la mmamodukule. Ha o boela o a betsetsa Leboya, o hlollwa ke botle ba Table Mountain e apesitsweng ke lesira le le pudutswana la mesi le meya ya thapama. Teng ha o re mahlo tloha o a lebisitse Leboya, o teana le marallana le lehwatatanyana le saballetse ho ya mane moo lewatle la India le akanang le la Atlantic teng. Ka hohle e le dilomo, meru e kopaneng, diphulana tse memang mahlo le lewatle.
Sehlopha se ne se qeta ho phethela boikwetliso ba thapameng eo, ha hanghang sepakapakeng ho utlwahala ho rora ha helikopotara e kgolo ya sesole. Ya tla jwalo e ntse e reketlisa lehodimo ya ba ya fihla ya re tsora! Dibapadi tsa lebella ha mopresidente Mandela ka seqo a theoha ho yona. O ne a itjele ka mokgwa o mona wa hae, ka hempe e ntle e lepelletseng ka hodima borikgwe. A tla a natlaila sa morena wa diphoofolo, a bile a se a ntse a bososela. Dibapadi tsa mo kgahlanyetsa ka thabo e kopaneng le tshabonyana. Ba fihla ba mo homela jwalo ka boraditaba. E mong le e mong a batla ho mmonela haufiufi.
Ka mokgwa o mona wa hae a etsa motlae o ileng wa keketehisa sehlopha sohle haleletsana. Morne du Plessis, molaodi wa sehlopha, a ba kgutsisa hore ba fe mopresidente sebaka sa ho bua le bona. O ile a qala puo ya hae ka ditaba tseo a atisang ho di bua ha a tshetlehela Makgowa puo; a ba hopotsa hore naha ena ke ya rona bohle. Ka nako ena sehlopha sena e ne e le Makgowa feela hobane Chester Williams o ne a le siyo ka baka la ho tswa kotsi.
Le thulana le bompodi ba lefatshe hosane, tangtang e tla kgangwa ke lerole. Sehlopha se tla hlola hosane, se tla iphetela mohwalotso feela ho ya fihla makgaolakganng. Jwale le na le monyetla o motle hore le sebeletse.
Afrika Borwa mme le kopanye setjhaba sa rona. Ho ya ka matla le bokgoni ba lona, ha ho phephetso e ka emang ka pele ho lona lefatsheng lohle. Hape re bile re bapalla hae mme ka hoo le ka botleng. Hopolang sena ka mehla, kaofela ha rona, ba batsho le ba basweu, re le eme nokeng.''
Dibapadi tsa etsa ditlatse tsa mo hlaba ka mahofi. Ka mora moo mopresidente Mandela, a ba pota ka bonngwe a ntse a ba tshwara ka letsoho ebile a buabua le sebapadi ka seng.
O ile a re qabola ha a mpotsa hore hobaneng ke apere hantle hakaalo ha ke tlilo kopana le yena,'' ho hopola Du Plessis. ''Se neng se makatsa kopanong eo ya rona le yena, ke leredi le kgohedi eo a nang le yona. Dibapadi di hlile tsa mo amohela ka tse pedi.''
DIPOTSO:
Nehelana ka lentswe temeng ena le bontshang hore dibapadi di ile tsa bokanela mopresidente ka thahasello e kgolo.
Sepheo sa mongodi ka tema ena ke sefe?
Lebaka le neng le etsa hore moporesidente Mandela a etele sehlopha see ke lefe?
Bolela ntho e le nngwe temeng ena e re tiisetsang hore e feela Silvermine e le Kapa.
Tangtang e tla kgangwa ke lerole.
Re le eme nokeng.
Sheba polelo ena: 'Sehlopha se tla hlola hosane, se tla iphetela mohwalotso feela ho ya fihla makgaolakganng'.
Ebe se bolelwang ke polelo ee ke ntlha kapa ke mohopolo feela? Nehela ka lebaka la karabo ya hao.
Ditaba tsa tema ee di bopa maikutlo a mofuta ofe ka hara babadi? Hobaneng o realo?
Na o ka re ditaba tsa tema ena di ama kgethollo ya mmala? Tiisa karabo ya hao ka ntlha e hlahang temeng ena.
TEMA YA 2
Boha tema ena e latelang mme ha o qetile o arabe dipotso tse e latelang:
PAPATSO
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa makasineng wa Bona wa Motsheanong 2008
DIPOTSO:
Sehlahiswa se bapatswang papatsong e ka hodimo se hlahiswa ke bahlahisi bafe?
Haeba o le mmapatsi kapa morekisi khampaneng ee, o ne o tla sebedisa dintlha dife tse pedi ho kgothaletsa kapa ho susumetsa batho ho reka Yogi Sip efe (e ka letsohong le letshehadi kapa e ka ho le letona)?
Seo baphatlalatsi ba rerileng ho se fihlella pheletsong ya ditaba ka papatso ee e ka hodimo ke sefe?
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA A:
KAROLO YA B: KGUTSUFATSO
POTSO YA 2
Bala ditaba tsa tema e latelang, e be o di kgutsufatsa ka mantswe a hao a ka bang 80 ho isa ho a 90. Dintlha e be tse supileng tse fupereng mehopolo ya sehlooho e nyalanang le tema. Bontsha palo ya mantswe ao o a sebedisitseng qetellong ya kgutsufatso ya hao.
Letsatsi la nyewe la fihla le sa hane. Ke ile ka fella ka hara sutu ya ka ya mekete. Ke ne ke jele koto ha ke kena lekgotleng la dinyewe. Ka bomadimabe ketso eo ya ka ya nkenya tshotso dinaleng hobane mohlang oo, Maleshwane o ile a hlaha kgotla a tenne diaparo tse tswapohileng ke letsatsi. Bana ba hlaha ba tabohetswe ha bohloko hoo ba ileng ba makatsa le nna ntata bona. Ya eba lehomohomo ka lekgotleng ha ho bonwa batho bana ba makatsang hakana. Ha nyewe e qala, Maleshwane a se kgitla sa mmokotsane ha a bolella lekgotla ka moo ke leng kgopo ka teng, ke leng lonya hoo ke hlolehang ho rekela bana ba ka se yang ka maleng. Komishenara o ne a ntswepetse mahlo ha Maleshwane a ntse a itlhokofaditse tjena. Ho bonahala hore batho bohle ba ne ba kgolwa seo a se bolelang. Ke ile ka tlelwa ke dihlong.
Ha nako e fihla ya ho re ke bue se hanyetsanang le bopaki boo Maleshwane a fanneng ka bona pela lekgotla, makgiseterata o ile a ntjamela nakwana ntle le puo. Ho ne ho bonahala hore o a ntlhoya. Yare e le neng, ka utlwa a se a re, ''Ekaba ho na le bopaki boo o ratang ho bo beha pela lekgotla lee?'' Ke omme feela ka hlooho. ''Tswela pele ka bopaki ba hao.'' A realo jwalo ngwana Lekgowa a swentse ka sefahlehong.
Ha ke qala ho ahlamisa molomo wa ka, ke ile ka hla ka elellwa hore ha ho motho le ya mong ya kgolwang seo ke ntseng ke se bolela. Ha ho fihla nako ya hore makgiseterata a dihe kahlolo, ka fihlelwa ke tshabo. ''Ha ke lekola bopaki boo ho fanweng ka bona pela lekgotla lena, ka fumana hore Maleshwane Mokwena, o atlehile ho fana ka bopaki ba nnete ntle le pelaelo. Ka hona, Thabo o tla lokelwa ke ho lefa diranta tse lekgolo ka kgwedi ho ya ka moo Maleshwane a kopileng ka teng. Haebe ho na le seo le ratang ho se lokisa se sa bolelwang lekgotleng lena, nka thaba ha le ka lemosa lekgotla ka sona.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Ngatana ya patsi BT Mokgomatha 1988: 12 - 13
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA B:
KAROLO YA C: THUTAPUO LE TSHEBEDISO YA PUO
POTSO YA 3
TEMA YA 1
Bala tema ena e be o araba dipotso tsa thutapuo le tshebediso ya puo tse e latelang:
E ne e se e le shwalane ha batho bao ba arohana mmileng o fetang tlasa habo Rasello. Lerato ha le mengwe, le a imema, le itlisa mabaka a fokola kapa a le maholo. Ka nako e nngwe diketso tsa lona ekare tsa tshintshi e dulang dijong tse ithatang empa e qeta ho tloha dinthong tse nyonyehang. Ha le a fapana ha kaakang le lefu le sa kgetheng mofo ho morena, morui ho mofutsana, ya lokileng ho ya sa lokang, e moholo ho e monyenyane.
Phirimaneng eno lerato la ipontsha mokgwa wa lona. Marothodi a meokgo e rothang ka marothodi a matenya ya theoha ka motjheso seledung sa Rasello. Motjheso wa lerama la motswala wa fetela pelong ya Rasello. Ba ferekana bao batho!
Pelo e nngwe ya re ho monga yona, ''hantle na o tseba seo o se etsang?'' O hlolwa ke moleko ha bonolo hakaale molato wa hao ke ofe?'' E nngwe ya re, ''se etsahetseng se etsahetse, ha ke na matla a ho thiba sefefo; ha le dumme le dumme. Ha se nna ke itseng Rasello a kwenehelwe ke Lucie. Ha se nna ke itseng ...'' O ne a ka ya kae motho wa lefatshe, wa nama le madi ha a tlamilwe ke ketane ya lerato ka moo ho seng ho hlalositswe matla a sefefo sa lona? Ha ho ntho e ntjha, ke tsa kgale kaofela. Boitlamo le dikano tseleng ya lerato ke ntho tse fetang jwalo ka mohodi feela; ha le kena kapa le tswa, lerako la tshepe ke lefeela.
Mantswe ana a ile a buuwa ke moruti le batlatsi ba hae ha ba qeta ho bala lengolo la Lucie ka maswabi a maholo. Ba re ba sa tswa bua jwalo, motho a fihla ka lengolo le tswang habo Lucie. Ke lengolo le kopang moruti hore a mpe a busetse lenyalo la Rasello le Lucie morao, hobane morwetsana ha a phela hantle; a mpe a lebelle bona babo Lucie ha a thusehile. Jwale batho ba batho ba dubeha dikelello, ba hwerehana ha bohloko, bao batho! Motho a re, ''ntate moruti, jwale ena taba e re emisa dihlooho. Se etsahalang se a re tsekedisa. Ho thwe o tjhetjhise lenyalo lefe jwale anthe morwetsana ke eo o kwenehetse mohlankana? Ho kula ha hae le ho se kule ho sa na le taba efe ha jwale?''
E mong a re, ''le ha ho thwe ho robala ke ho fetoha, phetoho ya mofuta ona ha e kene maikutlong a ka, ke e ratang kapa ke sa e rateng. Ha ke tsebe letho hona jwale empa le tla mpotsa; haufi re tla utlwa mehlolo. Motse ona jwale ho fihla moo o re makatsang; melao e metjha e thibela bohlanya le bokaako naheng ena, empa ha eka jwale batho ba hlanya ho feta maobane tjee? Motho a saene, a tlohe a kwenehele seo a se saenetseng! Bana bana ba hlomme lenyalo hona mahlong a rona; moruti o le hoeleditse ka tshwanelo; ha a qeta e mong o se a hlala.
E qotsitswe le ho lokiswa ho tswa bukeng ya Bao Batho, 1984, KE Ntsane
DIPOTSO:
Lentswe 'morui' ke lelatodi (antonime) la lentswe 'mofutsana'. Nehelana ka lelatodi/atonime la lentswe 'lerato', o be o le sebedise polelong eo o ipopelang yona.
Polelong ena, '... ya theoha ka motjheso seledung sa Rasello ...' lentswe 'seledung' ke lehlalosi la sebaka. Ngola dipolelo tse latelang hape, empa o fetole sebopeho sa lentswe le ngotsweng ka masakaneng hore se supe lehlalosi la sebaka.
Lerato le fokolang le moyafala hang ha le fihla (mohodi) o teteaneng.
Taba eo ha e fihla (moruti) ya hla ya baka pherakano e kgolo.
Polelo ena, 'Mantswe ana a ile a buuwa ke moruti le batlatsi ba hae ...' e ho boetsuwa. Fetolela dipolelo tsena tse latelang boetsuweng, empa o sa fetole moelelo wa tsona.
Melao e metjha e thibela bohlanya le bokaako naheng ena.
Ke lenyalo lefe le tjhetjhiswang anthe morwetsana ke eo o kwenehetse mohlankana?
Lebitso lena, 'marothodi' polelong ena, 'Marothodi a meokgo e rothang ...' le bopilwe ho tswa ho leetsi '-rotha'. Ipopele mabitso ka mantswe ana a latelang o be o a sebedise dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
arohana hoeletsa
Polelo ena, 'Ha se nna ke itseng ...' e temekisong ya tatolo/kganyetso. Fetolela dipolelo tsena tse latelang tatolong/kganyetsong.
Boitlamo le dikano tseleng ya lerato ke ntho tse fetang jwalo ka mohodi feela.
Ke lengolo le kopang moruti hore a mpe a busetse lenyalo la Rasello le Lucie morao.
Lentswe, 'mehlolo' le supa bongata ba 'mohlolo'. Nehelana ka bonngwe ba lentswe 'meokgo', e be o le sebedisa polelong eo o ipopetseng yona.
Tadima dipolelo tse latelang, e be o di sebedisa ho bopa polelo (polelomararane) e le nngwe e telele. Se fetole moelelo wa tsona.
Moruti o amohetse lengolo.
Lengolo le kopa moruti hore a mpe a busetse lenyalo la Rasello le Lucie morao.
Ngola dipolelo tsena tse latelang hape empa o kenye lentswe (lehokedi) le siilweng polelong e nngwe le e nngwe.
Ho bolelwa hore baratani bao bobedi ... arohane, ha ho sa okgelanwa mollo.
Lentswe lena 'tswa' polelong ena, 'Ba re ba sa tswa bua jwalo ...' ke lethusi. Sebedisa mathusi ana a latelang dipolelong tseo o ipopetseng tsona.
Polelo ena, 'Motho a botsa moruti hore ho thwe a tjhetjhise lenyalo lefe ...' e ho puopehelo. Fetola puo ya mmui e latelang mme o e ngole puopehelong.
Motho a re, ''ntate moruti, jwale ena taba e re emisa dihlooho''.
MATSHWAO OHLE A KAROLO YA C:
MATSHWAO OHLE A PAMPIRI ENA:
